Author: Lehakoe La Litaba
13/05/2025 at 04:05 pm
Latest
MONNA O LEFISOA LIKHOMO TSE THARO KA PELAELLO EA BOSHOLU, THABA-TSEKA
Monghali Mapesela Mapesela oa Mants’onyane Ha Rampara, Thaba-Tseka, o lefile likhomo tse tharo tsa se seng sa litho tsa mokhatlo oa toants’o ea bosholu ba liphoofolo oa Obela, tse neng li utsuoe selemong se fetileng, ka Labobeli la beke ena ho rialo monghali Sekonyela Senne.
Sena se latela hore mohats’a Mapesela, ‘Matsehlahali Mapesela, a hikitse Phutsalatsong ena a re ba mokhatlo oo, ba ile ka molekane oa hae ba mo belaella bosholung ba likhomo tse hlano, tseo a latotseng hore oa litseba, athe o li tseba ka botlalo ho ea ka molula setulo oa Obela.
Litabeng tsena, Molula setulo oa Obela mong o re masholu aa ba sotla ka liphoofolo tsa bona, ebe haa qeta a balehela sepoleseng, ba qetelle ka ho balehela phutsalatsong ena ea Molimo, ba iketsa sa mokana eka baa hlorisoa athe ba tloha moo ba tlohang ba li fehlile.