Author: Lehakoe La Litaba
29/06/2025 at 02:06 am
Latest
BANA BA LLA KA NTATA BONA, NTATA O RE BANA BA LESHANO, BA MO HLOKELA HLOMPHO
Bara le barali ba monghali Keketso Lechesa Mahobong Ha Joang, Leribe, ba re ba fetohile baleleri ke ho lelekoa lapeng habo bona ke eo ntat’a bona, ea ba phelisang ba linonyana.
Ba re ntat’a bona o lula a ba isitse sepoleseng sa Pitseng ka le reng, ke litlokotsebe, e be moo sepolesa se ba khakhathang ka liketseletso tsa hore ke masholu, empa a sa nke boikarabello ba ho ba hlokomela le ho phetha boikarabello ba hae ba hoba ntat’a bona.
Ba re o ne a lula le morali oa hae oa ho fela ea mo lelekileng bekeng e fetileng hobane ba bararo bona a ’nile a hla a ba jarisa thoto ka mora lefu la ’mabona.
Ba re ntat’a bona o lahlile boikarabello a sa sebetsa, nakong ea ho phela ha bo-’ma’ bona, ea bileng a kenya nyeoe khotla ea hore lekhotla le laeloe eo ho hlokomela lelapa la hae.
Monghali Keketso Lechesa, o re o amohetse hore ha sa na bana, hobane bao ba mo tsoela hlompha le ho mo senyetsa, empa a ile a tsoa ho ea ba batlela bophelo ba thuto ka ho sebetsa merafong, empa kajeno o khutlile o phonkoleng ba se ba mo tella, tabeng ea hore ha hlokomele bana ke leshano le ntsang tonki ea pooho tsimong, hoba e mong ea itokisetsang hotla sekolong Maseru ke eena ea ntseng a mo lefella.