Author: Lehakoe La Litaba
08/05/2025 at 08:05 pm
Latest
BASEBELETSI BA TSA BOPHELO LITSING TSA ’MUSO BA HULANYA MAOTO PHANONG EA LITS’EBELETSO
Monghali Tanki Ranthimo o re ba ngolletse botsamaisi ba Lekala la Bophelo lengolo leo ka lona ba bo tsebisang hore ho tloha ka Labobeli la beke ena, basebetsi ba Lekala la Bophelo litsing tsohle tsa ’muso literekeng tse ka maloting, ba tla hulanya maoto ho fihlela lekala le ikelelitse ho arabela sello sa bona.
O re lena ke lengolo la bohlano ho tloha ka Phupu ea ngoahola, ba kopa hore lekala le nyolle chelete ea bona e tlang ele ea basebetsi ba sebetsang libakeng tse ka maloting, eleng Qachaseneke, Thaba-Tseka le Mokhotlong, ho tloha ho makholo a mabeli le mashome a supileng ho ea ho likete tse hlano tsa maloti.
O re chelete ena e sale ba e fuoa lilemo tse mashome a mararo tse fetileng, ’me lipatlisisiso li re mosebetsi ea joalo, o lokela ho fumana mashome a mararo lekholong, ho ipapisitsoe le moputso oa hae oa khoeli le khoeli, e be e nyolloe ka linoko tse hlano lekholong, empa ho fihlela joale, ’muso o mometse ha o natse boiketlo ba bona e le basebetsi.
Monghali Ranthimo o re ketso ena ha se ho utloisa bakuli bohloko empa e le hore ba re ke nako ea hore ’muso o nkele boiketlo ba bona hloohong, hobane ba bang ba palama lipere le ho qasa matsatsa ho fihla libakeng tse joalo ho bile ho bata haholo.
Phala ea Lekala la Bophelo ’Mateboho Mosebekoa, o re litaba tsena li se li ntse li sebetsoa, le hoja a sitoa ho tiisa hore ho bile le mangolo a ’maloa a neng a ntse a romelloa bookameli ba Lekala.