Author: Lehakoe La Litaba
02/07/2025 at 06:07 am
Latest
KHOEBO EA MOTHAMAHANE E UTSOETSOA JOALA KA LIKIRIBAE, HA-SEOLI, MASERU
E mong oa ba batho ba ileng ba phallela mokhosing oa khoebo ea joala e Ha-Tsolo Maseru, o re masholu a ile koqola ts’epe e sirelelitseng le ho pshatla mamati a eona, a utsoa joala ba libotlolo bo turu ka khitla.
Mofani oa litaba tsena, o re linokoane tse neng li futuhetse khoebo eo ka bongata, li qalile ka ho thunya lebonehali le ntlong ea bolebeli, tsa ntoo joetsa molebeli hore a tle a leke ho letsa mohala, o tla kopana le tosa.
O re ka mor’a hore li koqole lemati la ts’epe le ho pshatla a mang, linokoane li ile tsa qalella ho ts’ela joala boo ka har’a likiribae, tsa ba tsa nyamella lefifing la bosiu,’me ha lia ka tsa hlola li fumanoa.
O re mokhosi o ile oa hlajoa phutsalatsong ena ha sechaba se tla phalla, empa ho fihlela litaba tsena li hlophisetsoa khaso, sepolesa se tsebisitsoeng sa Ha-Thetsane, ha sea ka sa fihla, haese litho tsa sesole tse bileng teng.