Author: Lehakoe La Litaba
12/07/2025 at 06:07 pm
Latest
Lesotho le hlaha borarong linaheng tseo basali ba hlokahalang nakong ea pelehi
Lesotho le hlaha borarong linaheng tse ka holimo tseo basali ba hlokahalang nakong ea pelehi, e leng South Sudan, Somalia le Lesotho, ka lebaka la phallo e holimo ea mali e sa laoleheng le ho lahleheloa ke mali ha mokhachane, ho rialo Blandina Motaung, mohokahanyi oa litaba tsa thari le thobalano.
Litaba tsena, li hlahelletse letsatsing la pele la thupelo ea matsatsi a mabeli, e ts’oaretsoeng batlalehi le baphatlalatsi ba litaba, ke Mokhatlo oa machaba a kopaneng oa kholo ea sechaba, UNFPA, holima litaba tsa ’moka oa kopano ea machaba ea litaba tsa kholo ea sechaba, o bileng New York ka la 29 ’Mesa ho isa 3 Mots’ehanong monongoaha, moo Lesotho le neng le emetsoe ke moemeli oa lona, New York.
Ke hona ’mokeng ona, moo linaha li fihletseng hore li lokela ho eketsa thuto litabeng tsena, e le ho bona hore mafu a basali le bana a fela nakong ea pelehi, tlhekefetso ea basali, ts’oaetso ea kokoana hloko ea chaefi har’a tse ling.
Liapeng Makhele, lebitsong la baphatlalatsi, o re thupelo ena e bohlokoa haholo etsoe e ba hopotsa mokhoa oa ho tlalehela sechaba litaba tsa thari le thobalano le chaefi le lipalo-palo tse amanang le tsona ka tsela e nepahetseng.