Author: Lehakoe La Litaba
01/07/2025 at 04:07 am
Latest
MORENA O NTS`A MOSALI EA QOTSANG MOHATO OA MOBUSUOA OA HAE KA MOTSE, QACHASENEKE
Morena oa Makhalong Ha Mpiti, Qachaseneke, o re o laetse mosali ea jakileng motseng oo, hore ka mor’a libeke tse peli ho tloha joale, a be a itlhekile ka har’a oona, e le ha a belaelloa ho qotsitseng mobu oa maoto a moahi oa motse oo.
Morena Seisa Mpiti o re sena se tla ka mor’a hore ho be le mobusuoa ea llang ka hore eo, o nkile mohato oa hae, ntle ho moo ho se ho e-na le litaba tse ngata ka eena ka har’a motse, ’me eo o latola bosehla litaba tse buuoang ka eena.
Ho sale joalo, Morena Mpiti o re ho na le monna ea lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro ea kokotelang basali ha ba ile ba hana lefereho la hae, ea ileng a re o etsa tseo a le tlas’a ts’usumetso ea tai, 'me a laeloa ho cheka sekoti sa ntloana ea sechaba ele kahlolo ea hae.