Author: Lehakoe La Litaba
21/04/2025 at 07:04 pm
Latest
Sets'oants'o sa taolo ea mekoloto ea sechaba se fetela komiting ea moruo kamora ho tekoa lekhotleng la sechaba
Letona la lichelete le meralo ea ntlafatso, Dr. Rets'elisitsoe Matlanyane, le tekile sets'oants'o sa taolo ea mekoloto ea sechaba ka pela Maparamente, ka Lapele lena. Sets'oants'o sena se re letona la lichelete le fuoe matla ohle a ho batlela Lesotho mekitlane ka ntle le kahar'e ho naha, ho e lefa le ho beha paneng se ka hlokoang nakong ee naha e nkang mekitlane e joalo, ka tumellano le lekhotla la matona.
Sets'oants'o se boletsoeng, se fetetse komiting ea moruo ea lekhotla la sechaba ho ea sekasekoa le ho manolloa ke ba amehang, pele Paramente e ka se hlohonolofatsa hore se fetohe molao. Se boetse se khothaletsa hore ho be le sekepele sa mokoloto o ka nkoang ke Lesotho.
Motho ea ka fumanoang a nkile mokitlane ka lebitso la naha, ka thoko ho molao, sets'oants'o se khothaletsa hore a hoehle chankaneng nako e sa feteng lilemo tse mashome a mabeli a metso e mahlano, kapa a lefe chelete e sa feteng korata ea milione ea Maloti.