Author: Lehakoe La Litaba
30/06/2025 at 09:06 am
Latest
TS'EBELETSO EA BOPHELO BA MOTS'ELISI KHIBA E THOBILE LIPELO TSA BATSOALI BA HAE, HOLONG EA LIBOKA EA 'MANTHABISENG, MASERU
Libui ka ho fapakana li tšelisitse lelapa la Makalo Ramotikoe le 'Mamotšelisi Khiba, ka lipolelo tse bonolo feela tse matla, tse neng li theohela botebong ba kutloisiso ea motho ea neng a tseba lea neng a sa tsebe morali eo oa Batšoeneng, ea timeletseng kotsing ea koloi libekeng tse ka bang tharo tse fetileng, a tsoa ho e meng ea mesebetsi ea hae ea machaba, Khauteng, Afrika Boroa.
Libui e bile batho ba neng ba sebetsa le eena, mesebetsing e fapakaneng ea bobuelli 'moho le metsoalle ea hae lea batsoali ba hae.
Adv. Motšelisi Khiba o hlalisitsoe a hlokahetse nakong ee a neng a se a le pele haholo liphuputsong le ho buelleng matekoane a Basotho, temong, tšebelisong le thekisong ea oona, Lesotho le machabeng.
Lithutong tsa hae tsa sekolong se seholo, o qalile ka lengolo la tsamaiso ea khoebo e leng la litsebo tsa ntatae, a nt'o fetela ho la 'ma'e, la molao.
Libui tse ling e bile tse tsoang mekhatlong le litsing tsa machaba, li kena ka marangrang. Lelapa le re phupu ea Motšelisi Khiba e tla ba ka Labotšelela la mafelo a beke. Molora oa hae o ne o behiloe tafolaneng, o khantšelitsoe ka mabone a mabeli, tlasa setšoantšo sa hae