Local
Nkhets’e o re bohle ba se nang litokomane tsa molao ba tla lelekoa Afrika-Boroa
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Mookameli oa mokhatlo oa Basotho ba phelang le ho sebetsa libakeng tseo e seng tsa habo bona, o re mokhatlo oa habo o hlokomelisa Basotho ba ka har’a Afrika-Boroa ho itlhophela ho khutlisetsoa Lesotho haeba ba se na litokomane tse ba lumellang ho ba naheng eo.
Monghali Lerato Nkhets’e, o re sena se latela hore letona la litaba tsa Lehae la Afrika-Boroa, le nts’e lengolo le laelang sepolesa sa naha eo ho phahla batho bohle ba se nang litokomane tsa ho sebetsa naheng eo.