BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Monna o fumanoa a timelletse ka har’a khohloana, Thaba-Tseka

By Thabo Mokoena • December 7, 2025 • 5 min read
Moahi oa Lesobeng Ha-Peterose, Ha-Kokoana, Thaba-Tseka, o fumanoe a timelletse ka har’a khohloana ea Mokhoabong ka Laboraro la beke ena, a ne a ile furung, ’me pelaelo ke hore o bolailoe ke batho ba sa tsejoeng. Tsena li boletsoe ke monghali Molato Linkoane a re moahi eo, o ne a ile a tloha hae a tsamaea le tonki a ilo hela furu, eare ha a sa khutli, molekane oa hae a ea mo sheba moo a neng a hopola hore o tla mo fumana teng, eleng moo a ileng a hlaba mokhosi sechaba sa tsoa lets’olo la ho ’matla, sa ea mo fumana a le ka har’a metsi Khohloaneng ea Mokhoabong, moo se fumaneng e se e le maobane, ’me pelaelo ke hore o bolailoe ke batho ba sa tsejoeng. Monghali Linkoane o re ho bonahala, moahi enoa lefu le mo khaolelitse a qeta ho hela, hobane furu e ne e se e ts’etsoe ka har’a ’methe e fasitsoe hantle, ho se ho setse hore a e bofe holim’a tonki.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.