MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
MAKUNUTU A CHANKANA A LUTLILE HO HLOOHO EA MAUTLOELA A EONA CHIEF OFFICER RATS’ELE
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Monghali Tsoto Manaka, mookameli oa chankana ea Maseru, o re tse ling tsa liofisiri tsa hae ke manomoro, limpimpi tse ileng tsa nyenyeletsa bats’oaruoa ka lets’olo la ho phopholetsa liphapusi tsa bona, e leng se ileng sa etsa hore ba tlole marako a toronko, mafelong a selemo se fetileng.
O itse lipakeng tsa Nthako, Chobokoane le Chief officer Rats’ele, ho na le mpimpi e tlalehetseng bats’oaruoa morero oa ho hlahloba liphaposi, ha ba tla thoba chankaneng letsatsi pele ho leo, hobane ba tseba hore ts’epe e fumanoeng moo ene e tlo nkoa.
Thoko ho moo, o itse Chief Officer Rats’ele ke e mong oa liofisiri tsa mahlaba-phieo tse nang le likamano le karolo ea bats’oaruoa, hoo a ileng a tlameha ho arola mots’oaruoa e mong ho ba bang, a pholosa bophelo ba hae, kamor’a hore mots’oaruoa a mo tobe hore ke mpimpi ea bona. Tsena li hlahelletse komising ea liphuputso tse mabapi le ho thoba ha bats’oaruoa chankaneng ea Maseru ka Labone la beke ena.