MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Mahokela a Lekhalaneng a nehelana ka mosali sepoleseng sa Thamae, ka mora ho mo fumana a ts'oere thipa a re o khaola bokapele ba ngoana ka eona, Maseru
By Thabo Mokoena • December 6, 2025 • 5 min read
Mahokela a Lekhalaneng, Maseru, a nehelane ka mosali ea ka bang lilemo li 66, sepoleseng sa Ha Thamae, ka mora ho mo fumana a e-na le ngoana oa hae oa ngoanana, a re o batla ho mo fothola bokapele bona, ka le reng o bua litaba tse sa mo tlamang bathong, ka Lapele la beke ena.
A bua lenaneong la Masutsa ka Labobeli la beke ena, e mong oa mahokela, o re a fumane mosali a ts’oere thipa le bokapele ba ngoana ea ka bang lilemo li robong, a re oa bo fothola, ’moho le ba oona, mahokela, e bang a kena litaba tseo.
Ka lehlakoreng le leng, mahokela a bonts’a a thabetse ts’isinyo ea Moparamente oa Lebakeng, monghali Letsekang Moloi, ea hore bohokela bo thehoe ka molao oa paramente, ’me a re a eme, a shebeletse moparamente ea tla ema khahlanong le ts’isinyo eo.