BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Mokhatlo oa Afrika o bokelletsang lipalo-palo o re naha ena e tjametsoe ke tlhokahalo ea mesebetsi

By Thabo Mokoena • December 1, 2025 • 5 min read
Mokhatlo oa Afrika o bokeletsang lipalo-palo (Afro Barometer) o ipapisitse le bophelo ba letsatsi le leng le le leng, o re Lesotho le tjametsoe ke tlhokahalo ea mesebetsi, metsi a hloekileng le bohloeki, khaho le khokahano ea litsela le marokho, manollong ea liphuputso tsa eona, tseo o li entseng ho tloha ka Tlhakubele selemong sena. Mofuputsi oa mokhatlo ka har’a naha, Libuseng Malephane, o re boithuto bona bo etsoa naha ka bophara, moo Basotho ba ntseng ba phela bophelo ba bofutsana-futse, ka lebaka la bosieo ba likolo tse nang le thuto ea boleng, haholo ka maloting, lits'ebeletso tsa bophelo le libeso, 'me basali ba etsa linoko tse mashome ts’eletseng lekholong. O re bofutsana bo aparetseng naha ena bo qalile ho bonahala nakong ea Kokorona, ’me ha ho bonahale ho e-na le mekhoa ea ho fenya mathata ana, a ho nts’a naha ena le baahi ba eona ka har’a tlala le bofutsana. O bile a re Basotho ba nts’a masiba-a-mpshoe ho fumants’oa litokomane tsa mantlha tsa botho, le feta lilemo tse fetileng. Tsena li hlahelletse ’mokeng oa letsatsi moo, moo mokhatlo o neng o manolla liphuputso tsa oona, ho mafapha a nang le kobo ea bohali, ho susumetsa hore kheea e teng, e koalehe, ka Labobeli lena Maseru.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.