BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MONNA OA HA-KEISO, O HLOKA HO FOLISOA LEOTO LE NTSENG LE BOLA

By Thabo Mokoena • November 25, 2025 • 5 min read
Mosali oa Lithabaneng Ha-Keiso, Maseru, o re mora oa hae o ntse a bola leoto la lehlakore le letona, lee menoana ea lona e seng e entse kumeha, ’me o mo kopela thuso ho ba ka mo folisang bohlokong boo.
’Malimakatso Ntoane, o re bohloko boo bo simollotse mora ka Phupjane ngoahola, ka mor’a ho tsoa lekhopho le lenyenyane, eaba leoto ke ha le qalella ho bola, ’me lingaka tsa Sekhooa le tsa li-epa-mere ha lia mo thusa.
Ntle ho moo, o re ho li-epa-mere, o fumane hore seeta se ileng sa nyamella mora, se nkiloe ke motho ea se sebelitseng ka mobu oa lebitla le lecha hore ha mofu oa lona a qala ho bola, ho tle ho etsahala joalo ka leoto leo.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.