BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Bokang Lillane o bolokiloe ka phupu e hlonephehang Mikaeleng, ka Labots’elela bekeng ena

By Thabo Mokoena • December 5, 2025 • 5 min read
Lelapa la Lillane le Mikaeleng Ha Makuili, Maseru, le bolokile setho sa lona Bokang Lillane ea neng a koeteloe le ho nyamela nako e telele, ka phupu e hlonephehang ka Labots’elela la beke ena. Boholo ba libui li hlalositse ha Baokang e ne ele motho ea mosa ea pelo e nolo, ea neng a rata le ho bapala bolo ka makhethe. Ea buileng lebitsong la lelapa, monghali Telamo Lillane, o itse ke nako ea hore Basotho ba ele hloko bohlokoa ba Phutsalatso ena, kaha e lula e eme le sechaba ha se le tsietsing se lla ka linako tsohle. Motsamaisi oa lethathamo o ipoletse ka kotloloho hore o ne a sa rate Phutsalatso ka tsela e khethehileng, empa ka mora hore a ithute tsela eo e sebelitseng le lelapa ka lefu lena, o khothaletsa bohle hore ba e rate, ba e ele hloko. Morena Seephephe Pasane eena, o itse Phutsalatso e ne e e ts’oere ka bohaleng joalo ka kamehla, ka hona oa leboha.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.