MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Mofu oa Malumeng, ea ileng a re Amen ka mora thapelo bosiung ba Labone lena, o qeteletse a isitsoe polokelong ea bafu
By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Monna oa Thabana-Morena Malumeng Ha-’Manthama, Mafeteng, o re lelapa le qetelletse le isitse setho sa lona setsing sa poloko ea bafu, ka mor’a boinahano bo tebileng ba hore se fela se orohile ka la Simione.
Monghali Kahlolo Tjalla, o re ba fihletse qeto ena hobane ba se ba hlokometse hore ’mele oa mokuli oa bona o se o bata, papisong le pele ha ba ne ba mo ts’oara, ba utloa a ntse a futhumetse, joale ba sitoa ho etsa qeto ea hore o se a fetile.
O re ka mor’a hore ba belaele hore mokuli oa bona o se a timetse, ba ile ba lula le eena nako e itseng, ’me eare ha ba rapela, ba re Amen, le eo a be a e-cho joalo, eaba ke ho thola ha hae, ho fihlela a isoa setsing sa poloko ea bafu.
Monghali Tjalla, o re khaitseli ena ea hae e kutse e ntse e tsamaea ka nako e telele, ho fihlela ha e hlatsa sebete seo e kang sa phoofolo, se neng se e-tsoa se le boholo ba seatla sa motho, ’me e siea molekane ea se nang bophelo, morali le litloholo tse tharo.