BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Qheqhebisane ea borokhokho ba noka ea tsoaing, Mafeteng, e neng e sebelisoa ke sechaba ho ts’elela mahlakoreng a mabeli a noka eo, e kamohile ka lehare ka Labots’elela la ha khoeli ena e hlola matsatsi a mashome a mabeli a motso o mong ‘me sechaba se tla

By Thabo Mokoena • February 20, 2023 • 5 min read
Moahi oa Lekhalaneng ka thokoana ho toropo ea Maseru o re molisana oa hae o nyele tali hore ke eena ea rekisiselitseng raselakha khomo ee likaroloana tsa eona li fumanoeng haufi le letamo la Mejametalama e hlabetsoe teng ka Labots’elela la ha khoeli ena e hlola matsatsi a mashome a mabeli a motso o mong. ’Mateboho Pheko o re molisana oa hae Ts’eliso Makhalema oa Korokoro o buile tsohle hore o ‘nile a ts’episoa likete tse tharo tsa Maloti ke raselakha ‘me o fetse a utsoa khomo le ho e felehetsa ho ea hlajoa ka mafifi mesong ea letsatsi le boletsoeng. Pheko o re khomo ee a neng a ka e rekisa likete tse leshome le metso e ‘meli, ke eona e neng e fepa bana ba hae lebese, a bile a qeta ho e nehela ka makholo a mararo a Maloti. O re molisana le monna eo ba hlabileng khomo le eena ba ntse ba le litlamong tsa sepolesa sa Ha Mabote empa raselekha eena o lokollotsoe ba sa fumana tlhaloso ea letho le hoja molisana a hlalositse tsohle ka eena. Litaba tsena ke tatello ea mokhosi o ileng pa phutsalatsoa Moafrika FM oa letlalo le likahare tsa khomo tse fumanoeng ke baahi ba mejametala letsatsing le boletsoeng. Lehakoe la litaba le hlotsoe ho fumana lehlakore la sepolesa kaha mohala oa phala o lla feela ho se ea arabang.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.