MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
SECHABA SE PHOLOSA MOSALI EA NENG A KOETETSOE KE KOLOI, QUTHING
By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
E mong oa baqhobi ba ileng ba potlakisetsoa sepetlele Quthing, ka Labots’elela la beke ena o lokollotsoe ka Lapele la beke ena, ka mor'a hore koloi ea bona e lelekisoe ke banna ba neng ba pholosa mosali ea pholohileng peto ea bona.
Mofuputsi oa litaba seterekeng seo, o re eo o mo bolelletse hore ba ne ba sa leke ho beta mosali eo, ba mpile ba makala ha eo a se a hooa a batla thuso, ke ha ba tla thiba koloi eo, ho pholosa bophelo ba bona.
Sena se tla ka mora hore monghali Ts’epo Makobishane, a lelekise koloi ea Golf 5, ho tloha Borokhong ba Seaka ho ea kena Holy Cross, e le ha mosali oa Phamong Ha Qacha a mo kopile thuso ka banna ba neng ba ba tla ho mo beta le ho koalla ngoana oa hae ka booting.