BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MOAHI OA MAPUTSOE HA MAQELE, LERIBE, O RE O SE A NA LE TS'ABO EA LEHAE LA HAE

By Thabo Mokoena • November 24, 2025 • 5 min read
Moahi oa Maputsoe Ha Maqele, Leribe, o re o se a ts’aba lehae kamor’a hore lelapa la hae le utsoetsoe chelete e ka holimo ho sekete sa Maloti le moea oa lifono o kaholimo ho likete tse Tharo tsa Maloti oo le o rekisang, hammoho le lebanta le neng le le borikhoeng ba monna oa hae, ke litlokotsebe tse tharo tse neng li ba hlasetse ka sethunya, li roetse likatiba tsa tholamoea, mesong ea Lapele lena. ’Maphahla Mpusi o re eena le monna oa hae ba tsositsoe ke molumo o ileng oa lateloa ke ho pshatloa ha fensetere, moo litlokotsebe tse peli li ileng tsa hlahisa sethunya le toche, le ho seha mok’huk’hu kamorao moo li keneng le teng, se seng se setse kantle se ntse se laela hore tseo li batle mokotla oo monna oa moo a o jarang ha a e-ea khoebong ea hae. O re ha se lekhetlo la pele ba eloa ka liphalana hoba ka mongoaha oa 2017 molekane oa hae le mosebeletsi ba ne ba k’hothotsoe le ho utsoetsoa lifono tse rekisoang ke batho ba sa kang ba tsejoa.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.