BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MOSALI O CHOPHOLA LIATLENG TSA SEKOETA SE NENG SE BATLA HO MO BETA, LETLAPENG QACHASENEKE

By Thabo Mokoena • November 1, 2024 • 5 min read
Mosali o re o chophotse liatleng tsa sekoeta sa monna se neng se batla ho mo beta, ka mor’a hore se mo bate ka molamu phatleng, se kene ka tlung ka ho senya lemati ka oona, TJ Letlapeng Qachaseneke, mesong ea Labone la beke ena. ’Matseko Ramphielo, o re sena se latela hore a kokoteloe ke monna ea neng a bile a ts’oela mahlapa a tala, a bolelisaka seo a se batlang, eare ha a hana ho bula, monna a rabella lemati ka molamu ho fihlela le aroha ka lehare, a kena. O re senokoane se ile sa mo nanabela le hoja a ne a entse lerata a hlabela sechaba mokhosi, empa ha a ka fumana thuso ho fihlela se ’mata ka molamu phatleng, feela a se tsoe mali, sa leka ho mo hlaba ka thipa sa mpa sa hloleha. O re ba bile ba tsoela kantle ba ntse ba loana, eena a ntse a kopa thuso eo a sa kang a e fumana, ho fihlela a thetsa senokoane seo ka hore o noa litlhare tsa bophelo bohle, sa mo lumella hore a e’o li noa, eaba ke ho pholoha ha hae, empa hamorao ha fihla ba ileng ba mo lota, senokoane se se se nyameletse lefifing.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.