BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Boemeli ba sechaba se amiloeng ke Morero oa Metsi a Lihlaba, bo phura leshoetla le morero

By Thabo Mokoena • December 7, 2025 • 5 min read
Boemeli ba sechaba se amiloeng ke Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho bo re morero, ha o phethahatse meralo le litumellano tsa oona ka nako, ’moho le ho se thobe lipelo tsa ba amiloeng ke oona. Tsena, bo li buile kopanong e neng e etellapele letsatsi la ho thakhola leano le lecha la lilemo tse leshome le ho rala leoa la ts’ebelisano ’moho ka mor’a ho mamela lillo tsa ba amiloeng ke morero, holong ea liboka ea ’Manthabiseng ka Labobeli la beke ena, Maseru. Boemeli ba mekhahlelo e fapakaneng ea sechaba e amiloeng ke morero, bo kopile hore morero, o ba ts’elise ka nako, o ba etsetse mekhoa ea ho ikholla bofumeng, e kang ho rua likhoho, lifariki, temo ea meroho le tse ling, ’moho le ho hlabolla sechaba se fallisitsoeng ke oona morero. Ke hona mona, moo morero o reng, o ralile ho tla fepela sechaba se amiloeng ke morero le Basotho ka metsi le motlakase, ho matlafatsa bophelo ka ho ba thusa ho its’ematlela le ho thusa baahi ba naha ena ho hlokomela makhulo. Hlakane
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.