BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MONNA O LEFISOA LIKHOMO TSE THARO KA PELAELLO EA BOSHOLU, THABA-TSEKA

By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Monghali Mapesela Mapesela oa Mants’onyane Ha Rampara, Thaba-Tseka, o lefile likhomo tse tharo tsa se seng sa litho tsa mokhatlo oa toants’o ea bosholu ba liphoofolo oa Obela, tse neng li utsuoe selemong se fetileng, ka Labobeli la beke ena ho rialo monghali Sekonyela Senne. Sena se latela hore mohats’a Mapesela, ‘Matsehlahali Mapesela, a hikitse Phutsalatsong ena a re ba mokhatlo oo, ba ile ka molekane oa hae ba mo belaella bosholung ba likhomo tse hlano, tseo a latotseng hore oa litseba, athe o li tseba ka botlalo ho ea ka molula setulo oa Obela. Litabeng tsena, Molula setulo oa Obela mong o re masholu aa ba sotla ka liphoofolo tsa bona, ebe haa qeta a balehela sepoleseng, ba qetelle ka ho balehela phutsalatsong ena ea Molimo, ba iketsa sa mokana eka baa hlorisoa athe ba tloha moo ba tlohang ba li fehlile.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.