BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

NTATE-MOHOLO O LLA KA BAAMANI LE EENA BA MO PHELISANG HABOHLOKO HA HAE

By Thabo Mokoena • December 5, 2025 • 5 min read
Ntate-Moholo Molefi ’Molotsi oa Phuthiatsana Ha Tlebere, Maseru, o re o phelisoa ha bohloko ke bana ba moena oa hae, ba mo hlekefetsang ka mantsoe, ba rema lifate tsa hae le ho lema jarete, hoo eena a seng a se na matla holim’a thepa ea hae. O re o kopile thuso moo a neng a hopola hore a ka thusoa, empa ha ho ea mo sekehelang tsebe, ’me bekeng e fetileng, e mong oa bao a llang ka bona o mo batletse batho ba neng ba reretsoe ho mo khakhatha, ha lelapa le itseng a lule moo le lekile ho kena lipakeng, empa le hlolehile. Ee ho lluoang ka eena, monghali Ts’otleho ’Molotsi, o re eo rangoan’ae oa mo etseletsa, haa tsebe litaba tsena tseo a buang ka tsona, ’me monghali Hlomohang ’Molotsi ea kileng a okamela litaba tsena, o itse ba lekile empa ho bonahala bao, ba batla ho faseletsa ntate-moholo likobo molaleng, kaha ba elelloa hore haa sa na matla. Litabeng tsena, morena Mosuhli Tlebere, o re o hloloa ho sebetsa litaba tsena hobane beng ba tsona ba se ba khutla makhotleng a boahloli a naha ena, ’me eena ele morena ha sa na matla holim’a tsona.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.