MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
SEPOLESA SE RE BOHLE BA TLA FUMANOA BA INYAKALATSA KA ’MINO OA LIHLOPHA TSE THIBETSOENG KA MOLAO BA TLO TS’OAROA
By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Mookameli oa sepolesa sa Lesotho o re li-ea-le-moea le Basotho bohle, ba thibetsoe ka molao ho letsa lipina tsa lihlopha tsa ’mino oa famo tse thibetsoeng ka molao, ’me tsena o li buile ka Labobeli la beke ena, ntlo-kholo ea sepolesa, Maseru.
Ngaka Mahlape Morai, o re ho khothaletsa kapa ho ts’ehetsa lihlopha tseo, ke tlolo ea molao ho sa natse hore na motho ke setho kapa o letsetsa sechaba mafapheng a fapakaneng, a kenyeletsang meketeng le motho ka bo mong.
O re sepolesa sa habo se oele ka phatla ka ho thunngoa ha litho tse peli tsa sepolesa le sesole, li ne li fapohetse tameneng Ha-Buasono, Berea, ha li tla bolaoa, ’me ha ho e-so tsebahale sesosa sa lefu la tsona.
Morai o re o fana ka libeke tse tharo ho tloha ka Labobeli la beke ena hore, Mosotho e mong le e mong ea nang le sethunya se seng molaong, a nehelane ka sona sepoleseng se haufi kapa moreneng oa hae.