MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
SECHABA SE NA LE TS'ABO EA HORE MOTSE O MONG O TLIL'O SE SENYETSA LIPOMPO TSA SONA, MASERU
By Thabo Mokoena • December 5, 2025 • 5 min read
Molula setulo oa komiti ea metsi Ngope-Ts’oeu le Ha Leronti, Maseru, o re letona la metsi monghali Kemiso Mosenene o nehelane ka oona ho sechaba sa metse eo ka Laboraro la beke ena.
Monghali Khotso Ratiea o re letona le bile la ipiletsa ho sechaba seo ho a hlokomela le thepa eohle e sebelisitsoeng moo e sere ha ba le ts’enyo e tla etsa hore ba tle ba lle ho ’muso hape.
O re ba thabetse ts’ebetso e entsoeng ke letona le hoja ba na le ts’aba ea ho senyetsoa etsoe ba ne ba ileng ba senyetsa lipompo tsa pele ke ba bang ba baahi ba motse o mabapi.