BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

DR, LIPHOLO O RE 'MAPA OA LESOTHO O NTSENG O SEBELISOA MORAONG ONA, HA SE OONA

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Dr Ts'epo Lipholo o re 'mapa oa Lesotho o ntseng o sebelisoa moraong ona, ha se oona, o lahla Basotho, 'me o re o khothaletsa hore naha ena e sebelise oa pele, oa selemo sa 1833 ho loanela hore naha e khutle le tsohle tsa eona. Litaba tsena, moetellipele oa Pompo o li buella holima ts'its'inyo ea hae ea hore paramente e lekole bocha meeli ea naha ena, 'me li hlahelletse tulong ea ntlo ea Lapele la beke ena. Lipholo ea tlang ho tsoelapele ka puo ea hae ka Laboraro la beke ena, o re naha ea Basotho e pukutluoe ka makhetlo a robong ke maburu a ntseng a itjella manoni a eona, ha beng ba naha ba lapile ba sena libaka tsa temo har'a tse ling, o tla pharalla le ka libaka tseo meeli e haolang ho tsona ka Afrika-Boroa, 'me o re 'muso o akofele taba ena, o thuse Basotho.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.