MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Banna ba kena sepetlele ka mora ho lemalla ntoeng e bileng moreneng, Ha Ts'iu, Quthing
By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Morena oa Sebupeng Ha-Ts’iu, Quthing, o re banna ba babeli ba ntse ba okoa sepetleng sa setereke seo, ka mor’a ho lemala ntoeng e ileng ea simolla moreneng, ha ho ne ho ilo buisanoa ka litaba tsa ho thibeloa ho ts’oaroa ha liphoofolo maboelleng a Qoenya, ho etsahetseng ka Labone la beke e fetileng.
Morena Seeiso Letsie o re letsatsing leo, ho ne ho ilo ts’oaroa liphoofolo tsa lelapa le leng, tseo molisana oa tsona a ileng a li thiba ka pele, leha ho le joalo, tsa ts’oaroa le ho lefelloa, empa taba eo, a re e ke e ilo ts’ohloa moreneng.
O re ke moo e mong oa habo liphoofolo tse neng li ts’oeroe, a ileng a hlapaola ea neng a ilo li ts’oara, lekhotleng la morena, ’me mora oa ea hlapaotsoeng, a rurela ea rohakaneng, ha qhoma ntoa e ileng ea lematsa ba bang.