MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Monna o litlamong tsa sepolesa sa Mafeteng ka pelaello ea ho hlaba ntat'ae ka lerumo
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Mora oa Morena oa Boleka Ha Ralitabo, Mafeteng, o matsohong a sepolesa sa setereke seo, ka mor’a ho qhobeloa teng ke moholoane oa hae ka Labone la beke ena, ka pelaello ea ho hlaba ntat’ae ka lerumo, mesong ea Laboraro la beke ena.
Monghali Naha Ralitabo, o re moena ea nang le lefu la hlooho, le totang haholo ha a tsubile khomo ea fatse, o re phoofolo e fariki eo a nehelletsoeng ka eona, e ne e mo khama, hape lintho tseo a li etsang, haa tsebe ha a li etsa.
O re morena ea lilemo li mashome a ts’eletseng a metso e robeli, o lokollotsoe sepetlele ka Labone lena, a ne a hlabiloe senyeng, seropeng le litlhafung.