MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Benghali Rethabile Letlailana le Lephoi Makara, ba se ba tsorame ka bohanyetsing, ka Lekhotleng la Sechaba
By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Maparamente a mabeli a RFP, monghali Rethabile Letlailana le Lephoi Makara, ba se ba tsorame ka bohanyetsing ka mor’a ho ts’elela ka ho Democratic Congress tulong ea Labohlano la beke ena, ka Lekhotleng la sechaba.
Moparamente oa Lithoteng le oa Malimong ka tatellano ea ho bitsoa ha bona, ba re ba fihletse qeto ea ho its’ohlometsa ka leoatleng le lekhubelu la monghali Mathibeli Mokhothu ka mor’a boinahano bo tebileng ba nako e telele.
Benghali bana, ba re ba ne ba se ba lutse le motsu ka ho RFP, ha ba botsa ’muso ona ka phethahatso ea lits’episo tsa oona, ba litulong ba tiisa lihloho, ’me ba re ba ne ba keke ba lula pusong ea bohatelli, ea batho ba ratang ha ho etsoa thato ea bona.
Hona litabeng tsena, mongoli e moholo oa Lets’olo, Nthati Moorosi, puisanong le bofuputsi ba Phutsalatso ena Paramenteng, o re ho furalla RFP ha litho tsena, ho bakile leqebahali lipelong tsa Lintsokoane, ke tahlehelo e kholo empa ho bonahala ba sitiloe ho fumanela tharollo likhang tse ileng tsa its’ema.