BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Basotho ba sala lepalapaleng libakeng tse fapakaneng tsa naha ena, ka mora sefefo se matla se fefotseng matlo a bona

By Thabo Mokoena • December 6, 2025 • 5 min read
Nkhono ’Manyalleng Mothobi oa ’Mants’onyane Lihloaeleng Ha Chabeli, Thaba-Tseka, o re o setse lepalapaleng le litloholoana tsa hae, ka mor’a hore sefefo se matla se bileng hoseng ha Lapele la beke ena, se fefole ntlo ea hae ea polata. O re ba ne ba ntse ba robetse nakong eo moea oo o eang ka masenke le mapolanka, ba utloa ba se ba neloa ke pula, ’me ha tsebe hore na o tlilo pata hlooho kae, le hoja a re baahisane ba entse matsapa a ho e koahela ka seile. Ho sa le joalo, baahi ba Santamonika Ha-Barete, Leribe, ba setse ’mananeng ka mor’a sefefo se matla se ileng ka marulelo a matlo a bona, ho bo selang Lapele la beke ena, ’me ba re ba kopa liseili hore ba koahele marako. Ea buileng lebitsong la bona, o re ho latela matla a sefefo seo, matlo ao ho ahiloeng ka setene holim’a marulelo, le oona a ile, ha a mang ho senyehile masenke le mapolanka, ha ho ka mokhoa oo a ka lokisoang ka teng.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.