BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Moahi oa Ha-Mots’oene o re ’muso o fane ka libukana tsa ho eta, sechaba se tsebe ho phetha mabaka a sona

By Thabo Mokoena • December 5, 2025 • 5 min read
Moahi oa Seqonoka Ha-Mots’oene, Berea, o re ’muso oa Lesotho o ba fe libukana tsa ho eta, ba tsebe ho phetha mabaka a bona a kenyelletsang a ho sebetsa Afrika-Boroa, hobane ho fela ha tsona, ha ho ba fe tumello ea lula naheng eo. Monghali Lekotoane Mokoloko, o re o bua tjena hobane esale a letela bukana ea hae ho tloha ka Mphalane ngoahola, a ntse a ea lekaleng ho ea e lata, empa a bolelloe hore a ee ka mor’a nako e itseng, ’me le kajeno, o ntse a e-so e fumane. Momameli o tla hopola hore e se e le Basotho ba bangata ba ntseng ba e-so fumants’oe libukana tsena, bao boholo ba bona ba felletsoeng ke mesebetsi ka Afrika-Boroa le hoja ba entse likopo tsa tsona khale.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.