BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Boqapi ba Likoche bo qabola bamameli ba Phutsalatso

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Se seng sa liqaboli tsa naha ena, se re sehlopha sa Likuena se ka hapa mohope oa Lefats’e, ha feela sona, eka ba mokoetlisi oa sona, ’me monghali Mathibeli Mokhothu, a eme mekoallong, monghali Machesetsa Mofomobe e be mo-hlaba likoulo, ha peke-peke e ka ba ’m’e Keketso Rants’o. Monghali Sesinyi Khama ea tsejoang ka la ntate Likoche, a bua lenaneong la Masutsa ka Laboraro la beke ena, o re o salletsoe ke khoeli tse peli a fumana lengolo la hae la botichere ka sekolong se seholo sa sechaba, NUL. Ntate Likoche, o re talenta eo a nang le eona, e tlilo mo bebofaletsa ho otla bana ba sechaba, etsoe lerato la hae ele ho bona thuto ea hae e tsoela bana ba naha ena molemo, ’me mosebetsi oa hae o ba bobebe hobane ha a kobisi le hona ho senya batho mabitso.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.