MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Bamameli ba lenaneo la Puo ea Sesotho ba re ’muso, bapolotiki le baruteihi ba joale, ba na le boinahano ba lits’oene
By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Bamameli ba lenaneo la Puo ea Sesotho ka Labone la beke ena, ba re Basotho ba joale le puso ea bona, bapolotiki le barutehi, ba na le boinahano ba lits’oene, ba sebetsa sets’oene, ba tseba see ka ba thusang ho phela, empa ba sitoa ho iketsetsa sona.
Tsena ba li buile moo ho neng ho ts’ohloa lereho Bots’oene, le hlalositsoeng e le boinahano ba lits’oene tse nang le mekhoa le libopeho tsa motho, ha Sets’oene e le ha batho ba sebetsa joaloka phoofolo e bitsoang ts’oene, e nang le kelello empa e sa phethahalang.
Ba re ba ts’oants’a babusi ba kajeno le lits’oene tse sa iponeng makopo, ba ne ba ile ba re ha ba kena pusong, ba tlil’o hlakola likete tse hlano tsa Maloti, chelete ea lijo le ho tsamaea ka makoloi a bona, empa ha ho joalo.
Mantsoe le lipolelo tse tsamaellanang le Bots’oene ke tse latelang: ts’oene ha e ipone lekopo, bokoalehi le botseketseke.