BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Lekhotla le tla mamela nyeoe e qosang Ts’olo Thakeli le Motlatsi Matlosa, ka Mphalane ea monongoaha

By Thabo Mokoena • September 27, 2025 • 5 min read
Lekhotla la ’Maseterata la Maseru le hloaile letsatsi la borobeli la Mphalane ea monongoaha, ele la ho mameloa ha nyeoe e qosang Ts’olo Thakeli le Motlatsi Matlosa ba Teyateyaneng, Berea, ka ho tokhotsa e mong Teboho Masoetsa. Motlatsi o hapelletsoe nyeoeng ena ka mor’a hore mochochisi e moholo a ananele ho qosoa ha hae hobane e le lesole la boemo bo tlase la naha ena. Baqosuoa ba qosoa ka ho tokhotsa, ho nts’a likotsi le ho tlotlolla seriti sa Masoetsa ka ho mo hlobolisa le ho mo laela ho tsamaea mapatlelong a Kingsway a hlobotse, liketsahalong tsa ’Mesa monongoaha, tameneng e ’ngoe ea hona Maseru. Nyeoe ena e ne e mametsoe ke ’Maseterata Nkhethoa Molapo.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.