BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Monghali Jack o ts'episa ho hatisetsa 'Menku 'mino oa hae mahala

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Monghali Rethabile Jack oa Ha Thetsane Maseru, o re o ikemiselitse ho hatisa mahala, ’mino oa seletsi sa katara se tsebahalang ka la ’Menku, ka mor’a ho se utloa se ntse se tsanyaola lenaneong la Masutsa ho Moafrika FM, ka Labobeli la beke ena. Tsena monghali Jack o li ngotse leboteng la MOAFRIKA RADIO TELEVISION ka mor’a ho utloa monghali Ts’eliso Letokoto, a ntse a tsanyaolela bamameli ba Phutsalatso ena ’mino oa hae, o mathe-maloli. ’Menku o ne a ile a simolla ka ho pheta tsa leeto la hae ’minong, a re o qalile ho letsa katara ea makoti-koti ka mongoaha oa 1989, eo a neng a iketselitse eona, empa ho tloha nako eo ha a e-so be le monyetla oa ho hatisa. O re a ka thaba haholo ha a ka nts’a letlapa le kenyelletsang likhalala tse kang ntate-moholo Apollo Ntabanyane le Budhaza Mapefane, ka mabaka ana, o leboha Moafrika FM e mo phunts’itseng ntlo lesoba, haele mona lilemong tse mashome a mahlano a tla ba le khatiso.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.