BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Basebetsi ba Vishan Ace Apparel ba ithoetse meli hloohong ka mora ho Vishan a ba nyahlatse a sa ba lefa

By Thabo Mokoena • July 23, 2025 • 5 min read
Monghali Ts’epang Makakole o re ka Lapele la beke ena, e bile la ho bala thepa ea lifeme tse peli tsa feme ea Vishan Ace Apparel, ka mor’a ho koaloa ha eona, ’me basebetsi ba eona ba ithoetse meli hloohong ha ba fumana ho se ea ba namolelang ho Vishan, hobane a se a ba nyahlalitse a sa ba lefa meputso ea 'Mesa le ea Mots'ehanong, le ba neng ba lefiloe e sa fellang khoeling ea bobeli le ea boraro, selemong sena. O re ba bile le phutheho ka Labohlano la beke e fetileng, e neng e epiloe ke LNDC botenng ba Lekala la Khiro le Bosebetsi, moo ba joetsitsoeng hore naepene ea bona eohle, ho kenyelletsa ea Ace Apparel e inneng libono metsing, ba il’o e tseka makhotleng.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.