MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Mohlophisi e moholo o ts'oella bacha ba koetlisong ea sesole
By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Morena Sebonomoea Ramainoane o fane ka thuto ho bacha ba koetlisong ea lerato la naha liahelong tsa sesole sa Lesotho, Makoanyane, ka Labone la beke ena. Thuto ea hae e manollotse bohlokoa ba bophatlalatsi le tsela ee bo susumetsang maano, molemong oa sechaba.
Ka Labohlano la beke ena, bara ba hae ba babeli, Hlao Rampaleng le Mokholoane Ramainoane, ba ile ba ts'oella bacha holim’a litaba tsa boits'oaro ba bophatlalatsi, bo thehelletsoeng holim’a lerato la bohlale le khaho ea lihlopha tse ipabolang ts'ebetsong.