BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Mofu oa Malumeng, ea ileng a re Amen ka mora thapelo bosiung ba Labone lena, o qeteletse a isitsoe polokelong ea bafu

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Monna oa Thabana-Morena Malumeng Ha-’Manthama, Mafeteng, o re lelapa le qetelletse le isitse setho sa lona setsing sa poloko ea bafu, ka mor’a boinahano bo tebileng ba hore se fela se orohile ka la Simione. Monghali Kahlolo Tjalla, o re ba fihletse qeto ena hobane ba se ba hlokometse hore ’mele oa mokuli oa bona o se o bata, papisong le pele ha ba ne ba mo ts’oara, ba utloa a ntse a futhumetse, joale ba sitoa ho etsa qeto ea hore o se a fetile. O re ka mor’a hore ba belaele hore mokuli oa bona o se a timetse, ba ile ba lula le eena nako e itseng, ’me eare ha ba rapela, ba re Amen, le eo a be a e-cho joalo, eaba ke ho thola ha hae, ho fihlela a isoa setsing sa poloko ea bafu. Monghali Tjalla, o re khaitseli ena ea hae e kutse e ntse e tsamaea ka nako e telele, ho fihlela ha e hlatsa sebete seo e kang sa phoofolo, se neng se e-tsoa se le boholo ba seatla sa motho, ’me e siea molekane ea se nang bophelo, morali le litloholo tse tharo.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.