BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Political

MOKHOTHU O RE NTLOKHOLO EA BOHATAMMOHO E BEREA EMPA BANA BA BO EONA BA E KOENEHETSE BA JAKILE HOSELE

By Thabo Mokoena • April 1, 2024 • 5 min read
Monghali Mathibeli Mokhothu o thoko tse Matsekha le Lioli hore a phahame, borokong tokoloho ea Lesotho e tlileng ka boitseko bo matla ba Lesotho bo neng bo siphohe kahara setereke sa Berea. O buile tsena a eme Tarabane, lebatooeng la ‘Makhoroana ka Labotselela la mafelo a beke ena, a bile a hopotsa bohle hore boitseko boo ba Lesotho, bo ne bo qaloe Ke Josiele Lefela, ea ileng a bo fetisetsa ho Ntsu Mokhehle. Josiele Lefela e ne e le mothehi le Moetellipele oa Lekhotla la Bafo, a sebetsa le Moprofeta Walter Matita, ee le eena e neng e ntse e le ngoana oa setereke sa Berea, ea na beng a theha kereke ea pele e neng e etelletsoepele Ke Mosotho naheng ena. E ne e bitsoa Berean Bible Readers Church e seng e bitsoa Kereke ea Moshoeshoe. Moetellipele oa DC o boetse a hopotsa ba neng ba tlile sebokeng ka bongata, har’a serame se kenellang masapong hore Ntsukunyane Mphanya, letsoalloa le moaho oa Mapoteng, e bile moitseki ea matla kahar’a Lesotho, tlasa mebala ea bohatammoho. Ka lebaka leo, linyane la tau la kopa sechaba sa Matsekha, ho khutla metseng ea lipolotiki moo se seng se jakile teng, DC, tlasa boetellipele ba hae, e tla hlaba chitjana Melato e fele moruo oa naha o ntlafalle bohle. Se ile sa mo mamela ka hloko ha a manolla lintlha tsa mohoo oa hae oa 20DC, ‘me sa mo thoholetsa haholo ha se utloa monkho o monate oa lijo tse mathemaloli tse ntseng li pjatla le ho sutsa kahar’a Potoana. O itse litaba tsa mohoo oa 20DC li ngata haholo hobane li shebane le ho ara ke ba bothata bo bong le bo bong ba sechaba sa Basotho, ba nako e telele. Mokhethoa oa Qhoali le Motlatsi oa Tonakholo ea Lesotho o itse le hoja a bua litaba tsa mohoo oa DC ka hlooho sa lekoloanyane le omanya koto, le tjametsoe ke machaba, molilietsane o lla litloebelele, o ngotsoe, sechaba se ka ea ipalla oona.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.