MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
FOKOTHI E TSOA PUO KA LEFU LE MOITHUTI OA EONA EA SHOETSENG SEPOLESENG SA HA THETSANE
By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Bookameli ba sekolo sa Fokothi bo re sepolesa sa Lesotho se thakhotse liphuputso tse mabapi le lefu la moithuti oa sona ea shoetseng sepoleseng sa Ha Thetsane ka mor’a ho kopa boroko ho sona ka 20 Phuptjane selemong sena.
Tlaleho ea Lerotholi Polytechnic ea Labone la beke ena, e re sepolesa se re mofu o fihlile ho sona a re o phirimalletsoe, empa a fumanoa ka lehlahlamang e se e le maobane. Polelo eo ha e hlalose boemo bo mofu a fihlileng a le ho bona, nako le hore na o fumanoe a le boemong bofeng letsatsing le hlalosoang a timetse ka lona.
Bo re bo fetisa mats’eliso ho bohle ba a’ngoeng ke taba ena, ka ho khetholoha lelapa, metsoalle, baithuti le bohle ka tahlehelo ena.