BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

BA-KRESTE BA LOKELA HO ITS`OARELA KA MATSOHO, HO RIALO LETSOSA

By Thabo Mokoena • June 10, 2024 • 5 min read
A bua ho Lesotho le Basotho Pele ka Labobeli la beke ena, monghali Motlalentoa Letsosa, o itse ba-Kreste ba lokela ho fetoha mehlala ka ho tseba ho iphelisa ka matsoho a bona, ba se iphetole mekopa-kopa. O itse ho bonahala ba-Kreste ba sa phele Lentsoe la Molimo lee ba le rutoang ka mehla ke baruti, ba le mamela feela, ka mor’a moo, ba lebetse ka lona, ba itsoellepele ka ho se sebelisi likelello ho iphelisa. Sena o se bua a ipapisitse le hore Lentsoe la Molimo le laetse hore motho a phele ka mofufutso oa phatla ea hae, empa baKreste taba eo, e ba hlolela holimo, hoo ba hloloang ke melata e sa reng letho ka Molimo. Monghali Letsosa, o bile a re PDC Peace Plan, ke morero o nang le chebelopele ka ho nchafatsa sechaba metseng e leng ho bohlokoa ho sona hore tsebe ho loants’a tlhokahalo ea mesebetsi Mofao ona, o ne a o khoaollela bamameli ba Moafrika, a ne a ile a o ngoathela ba likereke tse ikopantseng tse ts’oereng seboka sa matsatsi a mahlano sa PDC Peace Plan Lesotho, Ha-Thetsane Maseru.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.