BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

BABALI BA LEBOTA LA MRTV BA FAPAKANA KA MAIKUTLO HOLIMA TABA EA MOSALI EA ITSENG E MONG O KHAOTSOE MATSOELE, MASERU

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Babali ba lebota la Moafrika Radio Television ba fapakana ka maikutlo tabeng ea tlaleho ea sepolesa ea hore ha ho mohlala tabeng ea mosali ea itseng e mong o khaotsoe matsoele le qoqotho ke banna bao a ileng a phonyoha ho bona ka mohau. Bang ke ba reng lelapa leo mosali a ileng a balehela ho lona, le hlahelle ho paka taba eo, e sebe mosali o ne a iketse bothoba-pelo, joale o ne a batla mokhoa oa ho its'ireletsa. Bang ba re sepolesa se phatlalalitse le ho fumana taba eo ka pele, athe ba bang e le ba khalemang ba phutsalatso ena ea Molimo ka hore e leshano, empa litaba tseo, bamameli le balateli ba Moafrika ba ikutloetse tsona ho tsoa molomong oa pere. Ho tloha moo, ke ba reng litopo lia tseteloa ke baetsi ba liketso tsena ho pata mohlala le hoja bang ba itse ba habo mofu, ba ka be ba hlahile. Ho tloha moo ke ba itseng mosali o sentse khoebo ea makoloi a baeti, a mpe a khutle a its’oele mokhubu kapa a qosetsoe taba eo e ileng ea tsitsipanya naha.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.