BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Political

MOSEBETSI OA BOHANYETSI HA SE HO HLAKOLA BOPHETHAHATSI, LITHOKO LE MAPHEMPHE HO RIALO MOHL MOHLOPHISI E MOHOLO

By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Setsebi sa puso ea sechaba ka sechaba le tsamaiso ea puso e hloekileng se re Sela le oele, taba li sallane le tonakholo Sam Ntsokoane Matekane, a mo shebile machaba, Ke hore a totobale, a phethahatse litsepiso tsee a li entseng kapela Molimo le batho ha a ne a amohela lesokoana la puso Setsoto, ka Labohlano la mafelo a beke ena. Morena Sebonomoea sa bobeli sa Makholokoe o lemositse bamameli bohle ba Pusong ea Sechaba hore na mofuta oo Lesotho le leng ho oona oa puso ea Westminster o sebetsa joang. O itse haele mona tona-kholo e ncha e se e le teng, tsohle tse ntle le tse mpe li se li tla arajoa Ke eona, e ka ba lipeto, bosholu, lipolao kapa bosebeletsi bo bobe. Lekholokoe le itse ka ho ts’oana, ha se mosebetsi oa bohanyetsi ho pholla litelu tsa tona-kholo le Lekhotla la habo la phethahatso, empa ke ho supa liphoso ka linako tsohle, le hona ka tsela e ka qetellang e qhalile lehlakore leo la bophethahatsi, e ka ba ka tsisinyo ea ho hloka ts’epo ha Lekhotla la Sechaba kapa ka ho se khotsofale ha caucus ea lona lehlakore leo la tona-kholo le matona. Ka mokhoa o joalo, le elelitse bo-Phutsalatsi hore bo nke polelo ea tona-kholo ea tlhomamiso ea hae, bo mo manane ka lipotso tse batlang tlhakiso holima ho hloloa Ke bophethahatsi ba litsepiso tsa mohla monene ho ea kena pheletsong ea bophelo ba paramente ena ea leshome le motso o le mong.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.