BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

BANA BA RE NTAT'A BONA OA BA SOTLA, QUTHING

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Moholoane oa ngoanana ea lilemo li mashome a mabeli oa Mt Moorosi, Ha Koali, Quthing, o re ke ’nete ntat’ae le 'mangoan’ae ba ba phelisa ba linonyana, ntata’e o lahlile boikarabelo hang hore a nyale ka mor’a lefu la ’m’a bona. Tebello Ts’osane, o re seo khaitseli ea hae e ileng ea se bolela ka Labohlano le fetileng hore ntat’a bona haa ba hlokomele, ke ’nete le eena o ile a senyeheloa ke nako ea ho ea sekolong, hoba eo ntata’e a ne a sa ba tsotelle, ts’ekamelo e se ele ho khalitso ea mofu ’ma-bona. Tebello o re ha le foromong ea boraro o ile a tlameha ho qala ho hlokomela lelapa le ho iphelisa, ka ho ea rafa lehlabathe ha ele mafelo a beke, ka sepheeo sa ho fumana liea-ka-maleng empa ntata’e e le seberekane. Sena se latela hore ntata’e Ts’ipho Ts’osane a re o hlokomela morali oa hae, empa ke ngoana ea se nang teboho, le ho etsa ts’episo ea hore likolong tsa thuto e phahameng o ntse a tlo mo isa.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.