BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

LITLALEHO TSA MAKHOTLA A BOAHLOLI A NAHA EA LESOTHO

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Benghali Machesetsa Mofomobe le Moeketsi Shale ba tla mameloa lekhotleng la Molao oa Motheo ka Lapela la ha khoeli ena e hlola matsatsi a mahlano, linyeoeng tsee ba reng lekhotla le toloke le ho phatlalatsa ofisi ea tonakholo le mookameli oa mautloela li sena boemo ba ho ba amoha mehala ea bona ea thekeng. Mehala ea moetellipele oa Manasi monghali Mofomobe e ntse e le matsong a hae ka taelo ea lekhotla ea nakoana, ha ea motlatsi oa seboholi sa Potoana monghali Shale e ile ea nkoa ke mautloela a ntseng a phenyaphenyana le eona ka taelo ea ‘muso oa naha ena, Ka Lehlakoreng le leng Masholu a mararo a metse e fapakaneng ea Thaba-Tseka a qalile ho hoehla lilemo tse robeli chankaneng ea setereke seo ka Labohlano le fetileng, ka mor’a ho hloloa ho itefella likete tse robeli tsa Maloti ba qosoa ka bosholu ba nku. Rasetla Raselemane ea lilemo li 25 oa Ha Mahlong, Tamose Seetsa oa tse 21 le Kantoro Lits’oana oa tse 37 ba Mants’onyane, ba fumanoe ba le molato joalokaha ba qosoa ka ho ikhapela ramo ea Sokolang Chakatsa le ho e khabella hanong liketsahalong tsa Phupu ea ngoahola. Tamose le Kantoro ba hlalosoa ke lekhotla ba utsoitse nku eo ba le tseleng e lebang hae ba qeta ho lokolloa ka beil qosong ea bosholu ba liphoofolo. Hona lekhotleng leo Thabiso Lichakane ea lilemo li 30 oa Ha Toka Mants’onyane o tla hoehla lilemo tse hlano chankaneng ka mor’a ho hloloa ho itefella likete tse hlano tsa Maloti, a qosoa ka ho tlola lipehelo tsa beile ka ho kena-kenana le lipaki tsa mofapahloho, nyeoeng eo a qosoang ka ho fumanoa ka mahlahahlela a mabeli a sethunya. Linyeoe tsena li ne li mametsoe ke Maseterata Manapo Motebele.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.