BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

K'HAMPHANI EA MOTLAKASE EA LESOTHO E AROHANA LE MOOKAMELI OA EONA, MOHATO SELEKE

By Thabo Mokoena • November 1, 2024 • 5 min read
K'hamphani ea motlakase ea Lesotho, LEC, e arohane le mookameli oa eona, monghali Mohato Seleke ka lapele la khoeli ena, kamor’a tumellano ea ho etsa joalo lipakeng tsa eona le eena. Tlaleho e tsoelapele ho bonts'a hore Seleke o tla itokolla semolao, mafelong a khoeli ena, ho suthela mookameli e mocha. Lengolo le ntseng le likoloha ka har'a marangrang, le bonahala le ngoletsoe bookameli ba LEC le bosebeletsi ba eona ke litho tsa boto e tsamaisang k'hamphani, ka la leshome le metso e mene khoeling ena. Nakong ea bookameli ba hae, monghali Seleke o llile ka thepa e lokelang ho ntlafatsoa ea k'hamphani eo, mekoloto e holimo e kolotoang ke Basotho ba ikemetseng, makhotla, 'moho le litsi tsa 'muso, tse kenyeletsang k'hampani ea metsi le likhoere-khoere, WASCO. E le ho arabela sello sa hae, theko ea motlakase e ile ea nyoloha ka linoko tse kaholingoana ho leshome, lekholong (10.3727%) khoeling ea leshome ea selemo sa 2021, mafelong a selemo se fetileng (2022), motlakase o nyolohile ka linoko tse fetang supa lekholong. Ba haufi le litaba ba re 'muso o tla arohana le limilione tse ts'eletseng tsa Maloti ho arohana le Seleke.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.