BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MOSALI O BALEHA LEHAE KA LEBAKA LA MORA EA MO ETSETSANG LITŠOSO TSA LEFU KORO-KORO

By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Bamameli ba Hora ea Litaba ka Laboraro la beke ena, ba elelitse mosali oa Koro-koro Masaleng Ha-Setenane, ho kopa lelapa la Letsoela ho kena lipakeng tsa hae le mora ea mo tsoetseng taolong, hore le ke le mo khalemelle ho se mo hlonephe. Ho feta mona, ba re a khutlele ho mahokela ho kopa ts’oarelo ho oona, hobane nakong eo a neng a re a bea mor’a taolong, o ile a a kopa hore a mpe a mo lese, ’me sena o se entse ka lebaka la lerato la botsoali. Sena se latela hore ’Mamoroesi Letsoela, a phatlalatse hore o se a ts’aba lehae ka lebaka la mor’a hae ea mo rohakang le ho mo ts’osa ka lefu, ’me tsena li simolotse ka mor’a hore a mo fe mosebetsi oa morafong, moo ho neng ho sebetsa ntat’ae ha a ne a sa phela, eaba e se ele ha a tsoile taolong.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.