MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
BAAHLOLI BA HLOLOA HO NGOLA LIKAHLOLO KA BAKA LA KOATSI E HLASETSENG LIPOMPOTA
By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Moahloli Polo Banyane, o re ke beke ea boraro ena, eena le baahloli ba Lekhotla le Phahameng la naha ena, ba hloloa ho ngola likahlolo tsa linyeoe tsa litlolo tsa molao, ho tsoelapele ka tse hatisoang ka marang-rang, ka lebaka la ho hlaseloa ke koatsi ha lipompota tsohle tsa liofisi tsa baahloli le tse hatisang bopaki ka khotla.
Tsena li hlahelletse ka Lapele la beke ena, nyeoeng e qosang masole a mahlano ka lipolao tsa banna ba bararo ba Mafeteng ba neng ba bolaeloe Ha Motanyane Mafeteng, ka selemo sa 2012.
Banyane J. o re liofisiri tsa marang-rang li re qholotso ena e tebile haholo, ’me tharollo ea eona e ke ke ea tla ka ho panya ha nts’i ka lebaka la mosebetsi o mongata leha ho le joalo li ntse li sebetsa ka thata ho khutlisetsa boemo setloaeling.
Bosieo ba ’muelli oa mofapahlooho ka lebaka la bokulo, e bile lebaka le leng le emeng pele nyeoe e seng e tla tsoelapele ka Lapele la beke e tlang.
Baqosuoa ke benghali Litekanyo Nyakane, Thebe Ts’ephe, Sebilo Sebilo, Tséphe Tlakeli le Khauhelo Makoae ba qosoang ka lipolao tsa Thabang Mosole, Monyane Matsie le Ntata Ntatane.