MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
LEKHOTLA LA NAHA LE HATILE BOLO TABENG EA LIK'HOMISHENARA TSA IEC
By Thabo Mokoena • December 1, 2025 • 5 min read
Ho se thehoe ha tribunal e hlahlobang boiphihlelo ba lik’homishenara tsa komisi e ikemetseng ea likhetho, ho engoe pele ke lekhotla la naha le sa batleng ho e sebetsa, hoja mekha ea lipolotiki le Basotho ba ikemetseng ba le ngoletse hore le kene lipakeng.
Ana ke maikutlo a bakhethi ba keneng lenaneong la Pusong ea sechaba ka sechaba ka Labots’elela la beke ena, ba ipapisitse le nyeoe e hlahletsoeng ke mekha e mehlano ea lipolotiki, e kopa hore lekhotla la boahloli, la Molao oa Motheo, le laele lekhotla la naha ho theha tribunal.
Bamameli ba ts’oaetseng litabeng tsena, ba fapakane ka maikutlo tabeng ea hore na likhetho tsa puso ea libaka li cheche kapa che, e bang tribunal e ka ba fumana ba ena le tlhokahalo ea boiphihelo ba tsamaiso ea likhetho.
Moeti oa lenaneo ebile monghali Lebohang Thotanyane, oa Basotho Action Party, ea itseng hoja ba lumela hore ba liehile ho hlahlela nyeoe khotla, ke hobane ba ne ba ntse ba ngolla lekhotla la naha ho tloha Pherekhong ea selemo sena, e mpileng ea ba soetsa ka ho se arabe kopo ea bona.