MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
THABANENG O RE O MAKALITSOE KE HO FUMANA LEBATOOANA LA HAE LE SE LE EMETSOE TLAS'A LETS'OLO LA RFP BAKENG SA LIKHETHO TSA PUSO EA LIBAKA
By Thabo Mokoena • December 5, 2025 • 5 min read
Monghali Malefetsane Thabaneng, o re o makalitsoe ke hore haa khutlisa foromo ea ho emela likhetho tsa Puso ea Libaka, o fumane ka mokhutlisi oa sephetho hore lebatooana la hae le se le emetsoe tlasa letsolo la RFP, ke ea ileng a mo hlola ka likhetho lekalaneng.
O re tsena li etsahetse letsatsing la phahamiso ea baiketi, hoja a ne a ile a apere matla ao aa filoeng ke komiti e kholo ea RFP, ’me taba ena, o se a e roletse ho eona, le hore o ile a tlameha ho tlatsa foromo ea khanyetso ea komisi e ikemetseng ea likhetho, leha ho le joalo, o tla ananela qeto ea phathi ea habo.
Molula-setulo oa Lebatooa la Malimong, monghali Ts’eliso Motanyane, o re litaba tsena li se li le kapele ho komiti e kholo ea RFP, e ba ts’episitseng ho e sebetsa kapele-pele, le hoja a re le bona ele lebatooa, ketso eo e ba nyarositse kaha ba ne ba se ba tseba lengolo le potolohang le supile monghali Thabaneng.